TJHELETE E SETSENG
LETLOLENG LA PENSHENE
TJHELETE E SETSENG LETLOLENG LA PENSHENE
SEO O LOKELANG HO SE TSEBA KA TJHELETE E SETSENG LETLOLENG LA PENSHENE
Financial Services Board (FSB), ke molaodi wa mokga wa ditshebeletso tsa ditjhelete tseo e seng tsa ho banka, mme hape e tsamaisa le Molao wa Letlole la Dipenshene wa Phetolelo ya Bobedi e leng Pension Fund Second Amendment Act, 2001 (Molao). Ka ho ya ka Molao ona, letlole le leng le le leng la ho ya pensheneng le ngodisitsweng le FSB le nang le tjhelete e setseng le lokela ho aba tjhelete eo e setseng pakeng tsa bathahaselli bohle.
Le ha ho le jwalo, tokelo ya ho abelwa tjhelete e setseng letloleng la penshene ha e kenyelletse matlole ohle ao Mmuso o kenyang ditjhelete ho ona, a jwalo ka Letlole la Penshene la Basebetsi ba mmuso Government Employees Pension Fund GEPF, Transnet, le Matlole a mang a Khansele ya Ditherisano tse kopanetsweng a sa ngodiswang tlasa Molao kapa Molao wa Letlole la Dipenshene. Matlole ana ha a wele tlasa taolo ya FSB.
ELA HLOKO: Ha se matlole ohle a bang le ditjhelete tse salang
Ke mang ya tshwanelehang ho fumana kabo tjheleteng e setseng letloleng la penshene?
Ka ho ya ka Molao, bathahaselli bohle ba letlole ba ngodisitsweng tlasa Molao wa Matlole a Penshene, ao ka mora tekolo ba fumanang hore ho ba le tjhelete e setseng, ba na le tokelo ya ho abelwa tjheleteng ena e setseng. Letsatsi lena la tekolo le bitswa letsatsi la kabo ya tjhelete e setseng mme lona le ka ba nakong efe kapa efe pakeng tsa la 7 Tshitwe 2001 le 7 Tshitwe 2004, mme hore o fumane kabo mona tjheleteng ena e setseng o lokela hore o be o bile setho sa letlole pakeng tsa
Bathahaselli: ho bolelwa batho ba kenyang/ba neng ba kenya tjhelete letloleng mme bona ba kenyelletsa bao e neng e le ditho, ba leng pensheneng, ditho tsa ha jwale le ramosebetsi ya nang le seabo le letsatsi la kabo ya tjhelete e setseng. Molao, wa 2001 o hlalosa tjhelete e setseng jwalo ka karolo eo e leng ya letlole, ka hoo, pele ho ka arolwa tjhelete ena e setseng, boto ya letlole (bahlokomedi) ba lokela ho etsa bonnete ba hore letlole le maemong a matle a ditjhelete.
Mokgwatshebetso o tla latelwa bakeng sa kabo ya tjhelete e setseng ha letlole le na le tjhelete e setseng:
Boto ya letlole e lokela ho hlahloba direkoto tsa letlole, ho ya morao ho 1980 kapa hore na letlole le qadile neng (haebe ke ha morao) e be e sheba le histori ya ditjhelete ya letlole la yona.
Boto e lokela ho kgetha motho ya tla emela dikgahleho tsa bao e neng e le ditho, mme a etse maiteko a utlwahalang a ho fumana direkoto tsa bohe bao ba kileng ba ba ditho. Seabo sa moemedi enwa ke ho hlahloba mosebetsi, ho thusa ka dikgokahano le bao ba kileng ba ba ditho le ho etsa bonnete ba hore bao ba kileng ba ba ditho ba sebeletswa ka tsela e se nang leeme.
Boto ya letlole e lokela hore e ele hloko pele bao ba neng ba le ditho mmoho le ba leng pensheneng e be e etsa ditlhophiso tsa ho lefa bonyane ba dibenefiti tsa bona.
Haebe ka mora ho ba ho etswe ditlhophiso bakeng sa tefello ya bonyane ba dibenefiti ho bao ba kileng ba ba ditho le ba leng pensheneng mme letlole le ntse le na le tjhelete e setseng, bathahaselli bohle ho kenyelletswa le ditho tsa ha jwale le boramesebetsi ba nang le seabo ba na le tokelo ya ho fumana kabelo tjheleteng eo e setseng.
Boto e lokela ho ngola mme e romele ho Mongodisi wa Matlole a Penshene (moo a leng karolo ya FSB),
Boto ya letlole: ho bolelwa batho ba nang le boikarabelo ba ho etsa diqeto ka tsamaiso ya letlole ho kenyelletswa le moo le ka moo ho ka beeletswang ka teng, le hore ke mang ya lokelwang ho leshwa le hore a leshwe jwang.
moralo wa kabo ya tjhelete e setseng hore o ilo ananelwa pele tjhelete efe kapa efe e setseng e ka ajwa.
Ho tshwanetswe hore ho fuwe bathahaselli monyetla wa ho hanyetsana le ntho, mme boto e lokela ho rarolla dikganyetso tseo.
Ha mongodisi wa Matlole a Dipenshene a ananela tshebetso e leng ka hara morero wa kabo ya tjhelete e setseng, boto moo e ka aba tjhelete eo e setseng. Hona ho ka etsahala mohlomong nakong ya dilemo tse pedi kapa ka hodimo ho moo ka mora mola wa kabo ya tjhelete e setseng.
TEMOSO YA BOHLOKWA
a. Ho lefella ditshebeletso pele ho nako ho bao ba fanang ka tsona kapa bathong ba bang ka ho sebedisa ditefello tsa ho ingodisa, dimpho, jj. Hobane ditjeo tsa ho latela mehlala ya bao e neng e le ditho, dipapatso, ho balwa ha ditjhelete tse setseng tse lokelwang ho fumanwa ke batho di tshwanetse ho tswa tjheleteng e setseng ka boyona, mme e seng dipokothong tsa ditho tsa ha jwale kapa bao ba kileng ba ba ditho.
Ho lefella tlhahisoleseding e tla hlwaya hore na o tshwanela ho fumana karolo ya tjhelete e setseng.
b. Ho abelana tefello ya hao ya tjhelete e setseng kapa karolo ya yona bakeng sa ditshebeletso tseo ho fanweng ka tsona ka ho tlohela kapa ho fetisetsa karolo ya tefello ya hao ya tjhelete e setseng ho motho wa boraro, o lokela ho hlokomela haholo hobane Mongodisi ha a sa tla ho sireletsa ha tjhelete e se e le matsohong a hao.
d. Hlokomela ditshoso tse ka etsuwang ho wena, mohlala, tse jwalo ka ho re ha o sa nnehe buka ya hao ya ID ho fihlela ho leshwa, o ke ke wa leshwa (o ka mpa wa fana ka dikhopi tse tiiseditsweng tsa ID ya hao. Dikhopi di ka nna tsa tiisetswa ke Mokhomishenara wa Kano kapa Seteisheneng sa Sepolesa sa Afrika Borwa se haufi le lona)
e. O se ke wa saena letho leo o sa le utlwisiseng. Kopa motho o sele feela ho o hlalosetsa hore na ho hlokeha eng.
Tshebetso tsena ha di molemong wa setjhaba mme di lokelwa ho tlalehwa ho FSB hore ho tle ho nkuwe mehato efe kapa efe e hlokehang, athe hape di thibetswe ka ho ya ka Tsebiso ya 777 e hlahisitsweng ke Letona la Lefapha la Kgwebo le Indasteri.
DIPOTSO TSE BOTSWANG HANGATA
P: Ke efe phapang pakeng tsa letlole le penshene le letlole la provident?
K: Phapang e kgolo ke ya hore:
Tlasa letlole la penshene bonyane karolo ya pedi ho tharo (2/3) ya benefiti e lokelwa ho leshwa jwalo ka penshene bakeng sa bophelo bohle ba motho ya pensheneng. Boholo ba karolo ya nngwe ho tharo (1/3) feela bo ka nkuwa e le shwahla ya tjhelete. Tlasa letlole la provident palo yohle ya benefiti e ka nkuwa e le shwahla ya tjhelete.
Empa bakeng sa kabo ya tjhelete e setseng ha ho na phapang.
P: Na ho na le tjhelete e setseng letloleng la ka?
K: Batlisisa ho moofisiri ya ka sehloohong wa letlole
P: Ditokelo tsa ka ke dife ka ho ya ka molao?
K: O lokela ho tseba boemo ba tefello ba letlole la hao, hore na melawana ya tshebetso e reng, ekasitana le boemo ba ditjhelete ba letlole la hao jwalo ka ha di le ka akhaonteng ya kuno le setatementeng sa matlotlo le dikoloto tsohle tsa letlole la hao. Ka ho ya ka Molao wa Kgothaletso ya Phihlelo ya Tlhahisoleseding o ka kgona ho fumana lesedi le ka ho thusang hore o sebedise tokelo ya hao empa ho na le meedi e itseng mabapi le hona, mohlala, hona ha ho a tshwanela ho sitisana le ditokelo tsa ba bang, jj.
P: Ha ke le mohlokomelwa wa setho se hlokahetseng, na ho na le monyetla wa hore ke fumane karolo ya setho seo ya tjhelete e setseng?
K: Tjhe, ntle le haebe setho seo se ne se ntse se phela ka nako ya tekolo ya letlole, e leng nako efe kapa efe e pakeng tsa la 7 Tshitwe 2001 le Tshitwe 2004.
P: Ke mang ya hlahlobang hore na boto ya letlole (bahlokomedi) le ditsebi tsa ditjhelete e leng di-actuaries hore na ba etsa mosebetsi o nepahetseng wa kabo ya tjhelete e setseng?
K: Mongodisi o beha tshebetso e etswang ke letlole leihlo empa bahlokomedi ba etsa qeto ke hofe ho tshwanetseng mme hona ba ho etsa ka therisano le actuary. Ho hlahisitswe ditataiso tse itseng (tse ka hara Melawana ya tshebetso le Disekhula tsa FSB tse weposaeteng ya FSB) mme tsona di hlahiswa ke Mongodisi le Actuary e ka Sehloohong ya FSB
P: Na ke lokela ho etsang ha ramosebetsi eo ke neng ke mo sebeletsa a bapatsa kabo ya tjhelete e setseng?
K: Sheba tlhahisoleseding e papatsong.
P: Ho etsahala eng ha letlole leo ke neng ke kenya tjhelete ho lona le ka jewa?
K: Ka bomadimabe, matlole a jeweng ka semolao kapa a ntshitsweng mananeng a ngodisitsweng ka ho ya ka molao pele ho la 7 Tshitwe 2001 ha a wele tlasa melao ya tjhelete e setseng hobane a ne a le siyo ha ho ne ho fetiswa molao ona. Ha letlole le jewe ka mora la 7 Tshitwe 2001, the Mongodisi o tla batla hore ho latelwe melao e mabapi le ditjhelete tse setseng (ho jewa ho ba le sephetho sa ho potlakisa tshebetso ya kabo ya tjhelete e setseng).
K: Ho fetolwa ho ba le sephetho se tshwanang le sa ho jewa, sa ho potlakisa letsatsi la kabo ya tjhelete e setseng mme ho latelwe le melao e mabapi le tjhelete e setseng.
P: Na ho tla dula ho ena le mathata a tjhelete e setseng matloleng a rona le nakong e tlang?
K: Molao o lokisetsa phumantsho ya bonyane ba dibenefiti tse lokelwang ho leshwa ditho dikgweding tse 12 ka mora letsatsi la kabo ya tjhelete e setseng. Bonyane ba dibenefiti bo sebetsa matloleng ohle a ngodisitsweng ke Mongodisi ka la 1 Tlhakubele 2002 kapa ka mora moo. Hona ho tla fokotsa ditjhelete tse setseng tsa nakong e tlang, empa ho ntse ho kgoneha hore ho bokellwe ditjhelete tse ding tse setseng matloleng ao ho ona ditjhelete tse kengwang, kuno le ditshenyehelo di sa abelweng diakhaonteng/dirisefeng tsa ditho matloleng kgafetsa kapa ka papiso e phethahetseng ya matlotlo le dikoloto. Melawana ya tshebetso ya letlole e tla bontsha hore ho lokelwa ho etsahala eng ka tjhelete ena e setseng.
Ha ho ka etseha hore o hloke tlhahisoleseding e nngwe hape o kotjwa hore o be le bolokolohi ba ho iteanya le ba Call Centre ya FSB ba tla ho romela ho motho ya nepahetseng letloleng. Ha ho ka etseha hore o be le tsebe lebitso la ateministreitara e nang le laesense e tshwereng letlole le hao, iteanye le bona ka ho otloloha. Lenane la di-ateministreitara tsohle tse nang le laesense le fumaneha ofising ya Mongodisi le weposaeteng ya FSB tlasa Lefapha la Dipenshene.
LENANE LE AKARETSANG LA TEKOLO
Pele o ka letsa etsa bonnete ba hore o tshwere dintlha tsena tse latelang tsa nako eo o neng o sebeletsa ramosebetsi ya itseng:
Mabitso a hao le sefane ka botlalo ho kenyelletswa le sefane sa hao sa pele o nyalwa
Nomoro ya ID kapa Nomoro ya Phasepoto kapa nomoro ya referense ya Mosebetsi
Lebitso la letlole leo o neng o le setho sa lona sheba ditokomane tseo o nang le tsona, tse jwalo ka ditatamente tsa dibenefiti, ditlankana tsa moputso, mangolo, jj.
Lebitso la ramosebetsi eo o neng o mo sebeletsa le hore o sebeditse nako e kae moo (mehla ke yona ya bohlokwa)
Lebaka la ho tlohela mosebetsi
Dintlha tsa moo re ka iteanyang le wena, kpa tsa wa leloko kapa motswalle
DINTLHA TSA BAO O KA ITEANYANG LE BONA
